MORALO WA KARABELO YA MMUSO WA LEHAE O KENYELETSANG TSOHLE WA HIV LE PHAMOKATE
Hobaneng ho ba le Moralo?
Moralo ona o ngotswe ke Lefapha la Mmuso wa Lehae le Diporovense (lmd) ho thusa ka tataiso ho bomasepala le ba basebedisi ba bang a moo ba ka arabelang ntshetsopeleng le ho ba teng ha puso ho HIV le Phamokate ho tsa lehae.. Ho na le ho tsamaelana ho hoholo mahareng a ho tshwaetsa ho phatlalletseng ha HIV le maemo a ho se tswelepele, bofuma, le ho kgola tjhelete le ho se lekane ka bong. Jwalo feela, bophelo bo botle le ho ba teng ha phedisano-moruo ka HIV le Phamokate, di a hodiswa ho ya ka bofuma le ho hloka. HIV le Phamokate din a le ketsahalo e bonahalang mabapi le ho busa ho phethahetseng makaleng a dipolotiki le taolo tsa bomasepala, mme di ka baka ho fokotseha ha matla a bomasepala ka tsela e sa lokang hore ba ka thusa ka mosebetsi wa ntshetsopele wa ho thusa ka ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase, bodulo jj. ka mokgwa wa hore di tswele pele.
Moralo o hlakisa mosebetsi wa mmuso wa lehae mabapi le HIV le Phamokate mme:
o hlalosa leano le ka sehlohoong le dintlha tsa lenaneo tsa karabelo ya mmuso wa lehae o kenyeletsang tsohle le o kenyeletsang tsohle ho HIV le Phamokate
o hlalosa ka moo HIV le Phamokate di lokelang ho kenyeletswa ka teng mesebetsing ya Moralo ya Ntshetsopele e Kenyeletsang Tsohle (MNKT) ya masepala
o hlalosa mesebetsi e ikgethileng ya karolo e nngwe le e nngwe , ya mekga e meraro yohle ya mmuso, eo e ka e etsang ka ho tshehetsa dikarabelo tsa lehae tse kenyeletsang tsohle ho HIV le Phamokate
o hlalosa lenaneo le tshehetsang la setjhaba ho thusa bomasepala ka ho ikamahantsha le ho phathahatsa Moralo ho ya ka boemo ba tikoloho ya bona.
Metheo e Tataisang
Ho phethahatsa ho ya ka molao: Netefatsa hore bomasepala bohle ba utlwisisa le ho phethisa ditshwanelo tsa molao mabapi le HIV le Phamokate le ho phethisa puso e loketseng le dikarabelo tsa ntshetsopele
Phihlelo e Lekanang: Phahamisa ho ajwa ho akaretsang ha ditshebeletso le ho ba teng ho lekaneng ha bodulo le tsamaiso ya dikgwerekgwere, tshireletso ya dijo, polokeho le metsi a fumanehang le ho fumaneha ha matla, ditsela tse ntle le teranseporoto
Ho hloka leeme: Netefatsa ho ajwa ho hlokang leeme ha ditshebeletso tse sa kgetholle ho bohle ba tshwaeditsweng ke HIV le bao bas a tshwaetswang ke HIV le Phamokate
Ho fetoha: Ikamahenye le mokgwa o fapaneng o lekanyetsang ka moo ho amohelwang batho ba amohelang ka teng, e ahah hodima matla le dithuso tse rerilweng tsa ho hlokomela ditlhoko tsa lehae.
Kekeletso: Fana ka tshehetso ka tsela e itseng ho ya nakwana
